Author: Lehakoe La Litaba
13/05/2025 at 12:05 am
Latest
BANA BA SEKOLO BA TS’OAROA BA JARELLETSE TSOEKERE LE LINAOA QUTHING
Setho sa komiti ea mahokela a Koung ea Seaka Quthing se re ba ts’oere bana ba sekolo sa mathomo sa tikoloho eo ka Labohlano la beke ena, ba jarelletse tsoekere le linaoa tsa sekolo, tsee ba hlalositseng ba li nehelelitsoe ke matichere.
Ms. Nok’haya Ndlungoana, o re ba ile ba fumana monyenyetsi oa hore bana ba utsoitse lijo tse sa tsoa fihla kamor’a nako e telele bana ba sechaba ba bolaoa ke tlala, le hore ba bang ba ne ba se ba phomella ho ja ha ba fihla malapeng, ke moo ba ileng ba qautsa bao, bona ba re ke thepa tsa matichere a bona, ba itse ba tla li nka ha ba fihla malapeng a bo bona.
O re ba ile ba nka thepa eo le libuka tsa matichere tse neng li le ho bana e-le bopaki ho ea ho morena oa sebaka ea ts’episitseng ho bitsa komiti ea tsamaiso ea sekolo ka Laboraro la beke e tlang.
Lehakoe la Litaba le ntse le tekong ea ho fumana lehlakore la bookameli ba sekolo se amehang.